Zion City: Kopano ya Bacha ba Ba-apostola

Zion City: Kopano ya Bacha ba Ba-apostola (🇱🇸+🇿🇦=❤)

We are a division of Lefika La Poloko SCI spreading LOVE (Gospel, Charity, etc.), the Afrikan Spirit of Ubuntu and the KRStianity values across the Kingdom of Lesotho and the Republic of South Africa.

13/03/2026

Taba ea ka fatšeng lena: Ke h**e ke rate Jeso! 😭❤

09/03/2026

"M A B A P I L E T S O S E L E T S O (07/03)

Lumelang banabeso,

Rea le lumelisa ka lebitso la Molimo O Phelang, Matla a Kreste le Moea O Boikhetho. 🤗❤

Re le leboha ho menahane, ka tlatsetso ea lona; matla a bosebeletsi ka ho fapana, le boteng ba lona tšebeletsong ea Tsoseletso ea Kereke ka moqebelo oa beke-khutlo e fetang ka la 07/03/2026. 🎬❤

Le bopaki ba LERATO le ho se nyatsane ebile ha le lutse Nneteng le Moeeng tsa Borena ba Mmopi, mmoho re hlaha ho eena "RE SA IPATLELE TSA RONA EMPA RE BATLA SEFAHLEHO SA RAMASELI". We are a Selfless, Nameless and Fearless Generation of Christ Consciousness. 👏❤

Re boela re phetha hape, re bitseng meketeng ea liphutheho tsa lona joaloka ha re le bitsa, re tla fihla re sa belaele.👣🤗

Ba Lona Tšebetsong,

Quthing Apostolic Union
(Bacha Ba Sione, Quthing)
DATED: 09 March 2026"

Mongoli: Bokang Jacob Seetsi-Lehloesa

H O  M E N N G O A  B A S I O N E MONA le memeloa kerekeng ea MEDIUM APOSTOLIC CHURCH IN ZIONMosebetsi: TEBOHO le HO HLA...
03/03/2026

H O M E N N G O A B A S I O N E

MONA le memeloa kerekeng ea MEDIUM APOSTOLIC CHURCH IN ZION

Mosebetsi: TEBOHO le HO HLAISA NGOANA TEMPELENG tsa Ntate MORUTI ELIVASE KHALI (mokete o tsamaea le limpho) 🎬❤

SEBAKA: Ha-Hlapalimane, Qacha's Nek 📍

LETSATSI: 02/May/2026 📅

NAKO: Horeng tsa Bosiu (09:00pm) ho isa Hoseng 📌

SEFELA: " ... Ka hopola taba e molemo" 🎶♩🎶♪

Letsetsa: (+266) 5800 8171 | Rev. Elivase Khali | ho fumana lintlha tse felletseng |

REMINDER: W E E K E N D S E R V I C E (07/03/26)

| Ka moqebelo re khahlametsa Paseka ka tsoseletso banabeso; Lower Moyeni, Quthing >>> Pel'a Ha Sthonga Buzi) 📍❤📌🕀 |

25/02/2026

Fav Hymn: "Ewe Limamandla" 🎶❤ Wena sa hau se reng? 👣

ZION CITY: Postola Teachings — S01/EP003LENGOLO:Bukeng ea SAKARIA 1:1, Moprofeta a "bona Joshua moprista e moholo" a eme...
21/02/2026

ZION CITY: Postola Teachings — S01/EP003

LENGOLO:

Bukeng ea SAKARIA 1:1, Moprofeta a "bona Joshua moprista e moholo" a eme pel'a Lengeloi, le Satane a eme ka lehlakoreng le letona la Morena Molimo ho mo hanela.

THUTO:

Leha lineo tsa MOEA li fapane hakaalo, empa ho ea lokela h**e kaofela h'a tsona li lekoe h**e na efela li e le tsa 'nete le moea!

BOITHUTO:

Nna, Admin e ngotseng mona kajeno, ketlo le eletsa h**e le phehelle ho fuoa MOEA oa TEMOHO, le lemohe hoo e leng 'nete le hoo e leng ho thetsa (ekaba; leshano kapa boikhakanyo).

Khajana, e-ba Molimo o mponts'a ka e mong oa batho ba tummeng ('Bishop'; ha re bitse mabitso mona) marang-rang; eena ka sebele a ipolela h**e: "Hantle nna hake Bishopo, ke Motivational Speaker, ke sebelisa kereke ho holela mats'oele a mangata hobane eona e tumisa kapele." 😭

Hake botsa Mong'a Kereke ka ts'enolo eo. A re "... ho joalo kaha a ipolela mme ho bile ho teng ba bangata ba joalo ka eena; ba itlamme ka boruti, empa hoa bona e le ho khothatsa sechaba!" 🤔

Ke qoqele ngoaneso ka seo. Kamora selemo, ke lore e mong hape ('Bishopo'). Oa pele ke Mzalwane, oa bobeli eo kemo senoletsoeng ke Mopostola. MOEA oa bua se ts'oanang ka eena, ka h**e: Bo-bishopo ha se ntho ea hae, empa a ratile matla. Holim'a moo, ebile Bo-bishopo boo ba hae o bo tiisitse ka SEROALO!!! 😇 (What a time to be alive)

SEPOMELA:

Ha re koala taba ena, hake rate ho itumisa ka h**e ke tsebela mang le mang. A shebang ke NTATE ebile a khetha h**e tsebisa (kapa ho re lemosa). Kahoo, kea le khothatsa: motho ka bo mong a lule neong ea hae, a atise talenta eo Morena a mo ts'episitseng. Seke ua khalla sa e mong, ua batla ho imatehanya, u tlab'u senye NEO ea MOEA. Haholo-holo, seke ua nyefola ha MOEA o sebelisa e mong kapa ba bang ka tsela tseo u sa li tsebeng, ua re ke 'e mobe'.

Disclaimer: No photographic copyrights intended. This picture is placed here in remembrance of our late brother: LEHLOHONOLO (Black Mamba) CHOBOKOANE (🕊❤)

TSEBISO: KEREKE EA TSOSELLETSO!Kerekeng ea The Christian Independent Church (moletelo), ka bacha ba phutheho oa tsoselle...
17/02/2026

TSEBISO: KEREKE EA TSOSELLETSO!

Kerekeng ea The Christian Independent Church (moletelo), ka bacha ba phutheho oa tsoselletso.

Lower Moyeni, Motse-Mocha, pel'a Ha Sthonga Buzi;

Date: 07/03/2026;

Time: 09:30 PM till morning.

For more info:
Ntate Thabang Mpheulane
Ntate Boemo S Mpobole
Ntate Bokang Jacob Seetsi

(+266) 5955 9038 / 5614 7390 / 5877 1413

Le ba ratang ho re tlatsa ka chelete kamoo ba lekantseng pelong tsa bona ka Sesiung sa Bacha (Mpesa). Sebelisa tsona nomoro tsena.

14/02/2026

Zion City AYL | LERATO | 14.02.2026

1 Bakorinthe 13:4-7:

"Lerato Le sebete le mosa
Lerato ha Le na mona ha le na boikhantsho ha le ikhohomose.
Lerato ha Le thabele bokhopo empa Le thabela 'nete.
Le mamella tsohle, le lumela tsohle, Le tshepa tsohle, Le jara tsohle."

MOLAETSA:

Le rona re lumela ho LERATO, Konyana ea Topollo. A itseng ho Barutuoa ba Pele, "Ba [lefats'e] ba tla tseba ha le ratana h**e efela le ba Ka e le kannete". Lula LERATONG hobane MOLIMO LERATO. ❤👣❤

You are invited to a prayer service at Bantu Church of Jerusalem guys
11/02/2026

You are invited to a prayer service at Bantu Church of Jerusalem guys

11/02/2026

SEMEMO! SEMEMO! SEMEMO

Kereke ea THE NEW JERUSALEM APOSTOLIC CHURCH ea Maputsoe, Ha-Nyenye, Leribe; e memela Baapostola bohle ts'ebeletsong ea eona.

Ka la 14/02/2026 (Bosiu ho fihlella Hoseng);

U theoha Maputsoe, METRO GARAGE. Kereke e pel'a STADIUM, hau qeta ho feta Mabitleng (bonyane 10 minutes ho tloha Stopong).

Retla leboha boteng le ts'ehetso tsa lona. ❤❤❤

For more information:
Call (+266) 5718 2004 / 6301 9308
Facebook: Bokamoso Monyahane

PUO EA SE-MOLAO EA BOEMELIZion City AYL (28/01/2026)Lumelang Banabeso,Ke rata ho leboha kamoo re qalileng kateng ho Kopa...
28/01/2026

PUO EA SE-MOLAO EA BOEMELI

Zion City AYL (28/01/2026)

Lumelang Banabeso,

Ke rata ho leboha kamoo re qalileng kateng ho Kopano ea Bacha ba Baapostola, e hokahanyang Satafrika le Lesotho kajeno. Re leboha Bacha ba nkileng karolo ka kotloloho, Batsoali ba ileng ba re hlohonolofatsa ka ts'ehetso. Hape, re ikoba ho Boetapele ba Liphutheho tse fapaneng tse ileng tsa ema le rona lilemong tse fetileng.

TEMANA EA MANTLHA:
"Joale, Jehova Molimo, a ho ke ho phethehe pallo ea hau, eo u nong u e bolelle ntate Davida; hobane u mpeile morena oa sechaba se sengata joaloka lerole la lefatše." (2 Likronike1:9)

Ka mongolo ona, re phatlalatsa h**e Kopano kea rona eseng motho mang kapa mang. Ba tsekang matla ba ithehele moo ba tlang ho ipusa ha bona.

Ka Boikokobetso,
Zion City AYL
(+266 5877 1413)
WhatsApp & Calls

27/11/2025

ZION CITY: Postola Teachings — S01/EP002

THUTO: Postola — “THEKO”

1.0. NYEHELO – MAHOBE
Lengolo: LEVITIKE 2:1–3
Karolo ea Lefi la Phofo le lubiloeng ka Ole, hape ho nonetsoe le ka Libano;
Moprista/Moapostola a qotse ka seatla, a chese aletareng – e be “khopotso”;
Se salang, ke kabelo ea Baprista, e halalelang ka ho fetisisa futeng ea likabelo.

Lengolo: LEVITIKE 2:11–13
Ha ho lubjoe ka litomoso, leha e le linots’i (tsoekere) – ke likabelo tsa RAMASEDI!;
Litomoso kapa nyehelo tse lomositsoeng e-kaba ‘lilopotsiea’, eseng ‘secheso’;
Linyehelo tse chesoang, li nokoe ka Letsoai la Selekane sa Molimo – “tsohle”.

2.0. MOLAO – VEINE
Lengolo: LEVITIKE 10:8–11
Baprista/Baapostola ba seke ba noa VEINE haba sebelletsa TENTENG EA POKANO;
VEINE e ts’oana le sejo sa ‘tomoso’ kaha bobeli li entsoe ka ‘tai’ (kapa ‘thethefa’);
Sethethefatsi se sitisa kelello ea motho ho lemoha le ho hloeka ts’ebeletsong.

Lengolo: LEVITIKE 10:12–14
Kabelo tse fuoang Baprista, ba li “jela ngālong e khethehileng ...”;
Aarone (Moprista e Moholo) o li-ja “le bara ... le barali” hammoho;

Lengolo: GENESE 35:14 – JAKOBO o ile a aha Sefika Sa Majoe, a ts’ela NYEHELO e nooang holim’a sona; a boela a eketsa le Ole ho sona.

3.0. TAFOLE – MAHOBE
Lengolo: LEVITIKE 24:1–9
Kandelare ea Mabone e tuke ho isa hosasa – e tukisoe ka ole ea mohloaare;

MAHOBE A PONTS’A: Linkhoana tse Leshome le Metso e ‘Meli (‘12 pastries’);
*** Ke mahobe a Aarone le Bara ba hae;

*** Ke ‘molao o sa feleng’ oa BOPRISTA.

Mangolo a Tlatsang:
GENESE 45:1–3 JOSEFA o itsebisa banababo, ponts’eng ea bohle ba mo teetseng hare;

NUMERE 28:5 – Ho sebelisoa Lefi la Phofo le lubiloeng ka Ole;

DEUTERONOMA 16:3 – Mahobe a sa lomosoang, ke “mahobe a mahlomola”;

LIPESALEME 23:5 – Davida a re: “U teka TAFOLE pelak’a, PONTS’ENG ea LIRA tsa ka ...”.

Address

Lower Moyeni, P. O. Box 18, Quthing 700
Moyeni

Telephone

+26658771413

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Zion City: Kopano ya Bacha ba Ba-apostola posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share