29/05/2026
Ketekelo ea Letsatsi la Machaba la Tapole Lesotho ka jeno la 29th May 2026, Maseru. Ka nepo letsatsi lena le ketekoa la 30th May, 2026.
Li ntlha tsa bohlokoa hotsoa mmokeng ona li kenyelelitse tse latelang:
1. Tapole ke sejo sa bohlokoa ho tlatsetsa litabeng tsa phepo e nepahetseng. Empa re hloka botsebi le mahlale ho manolla manoni le matsoai a tapole h**e e tlatsetse ka ho nepahala phepheng ea sechaba.
2. Litapole lina le mefuta e mengata e ka hakanyetsoang ka likete-kete (varieties). Ele ho manolla makhabane a mefuta ena ka hofapana ha eona, re lokela ho tsetela ka matla litabeng tsa liphuputso ho manolla mefuta ena esita le hona ho e sireletsa.
3. Tapole ke sejo sa bohlokoa, mme h**e e jeoe re hloka ho khothaletsa sechaba ho ba hlalosetsa ka bohlokoa ba hoja tapole. Ke feela batla eja. Ha re ts'oareng mekoloko ea khotso ka sepheho sa ho khothaletsa sechaba hoja tapole.
4. Tapole le ha ele sejo, ena le makhabane a mangata hoea ka ts'ebeliso ea eona. E ka etsa lijo, litlolo, lino, meriana le tseling. Empa tsena re lihloka botseteli bo matla litsebong, technology esita le likhahlametso tsa lichelete.
5. Litapole tsa tlholeho libohlokoa-hali, mme lilokela ho sireletsoa le ho ngatafatsoa. Ka hots'oana, taba ena e hloka ts'ebelisano ea mafapha ho kenyeletsa le sechaba mane metseng. Re boetse re lokela ho bula menyetla ea khoebo mabapi le litapole tsena tsa tlholeho h**e rebe le mabaka a nnete ho susumetsa ts'ireletso ea tsona.
6. Maano (policies), maoa (strategies), melaoana (regulations) ke karolo engoe ea khubu ea mantlha tlhahisong ea litapole Lesotho. Hoa nepahala h**e re le naha re be le maano a tsitsitseng, meralo e hlakileng e reretsoeng ho phethahatsa maano ana, esita le melaoana e hlakileng ebileng re seng leqe hoe phethahatsa ka sepheo sa ho matlafatsa le ho sireletsa tapole ea lesotho.
Ha re keneng ka matla Basotho leetong lena la ho nyolla tlhahiso ea tapole ka hare ho naha ea habo rona, ele h**e tsena tse boleloang e le melemo, efele re bone liatlehisa basotho.