Letsema La Basotho Foundation

Letsema La Basotho Foundation We are an NGO that assists lessprevilaged Lesotho youth on educational issues and aspirations.

U batla ho ithuta mose ho maoatle, u tsebe ho thola menyetla ea machaba ea boithuto le mosebetsi?U hloka ho ithutela seo...
08/03/2026

U batla ho ithuta mose ho maoatle, u tsebe ho thola menyetla ea machaba ea boithuto le mosebetsi?

U hloka ho ithutela seo u sehlokang e seng seo u tlamehang ho ithutela sona?

Re teng ho u tataisa ho khetha likolo kapa universities tse nepahetseng tse molaong, tse bileng li thusitseng Basotho ba bangata..

Re u tataisa ho tloha ka:
Ho khetha sekolo
Ho reka ticket ho ea sekolong
Ho fumana bolulo bo sereletsehileng
Boitukiso ho maemo a leeto le maemo a boithuto.

Re letsetse ho 62794203 kapa bua le rona ka inbox

TATAISO EA MAHALA LEETONG LA THUTO1. Ho khetha seo u labalabelang ho ithutela sona u se tlasa khatello2.Ho etsa study vi...
27/02/2026

TATAISO EA MAHALA LEETONG LA THUTO
1. Ho khetha seo u labalabelang ho ithutela sona u se tlasa khatello
2.Ho etsa study visa
3. Ho booker flight
4. Ho fumana bolulo bo khonehang hape bo bolokehile
QALELLA LEETO LA THUTO EA BOLENG

08/01/2026

MoAfrica Fm lenanehong la "HALEPHAHAMA" e ile ea refa monyetla oa ho ipiletsa ho sechaba sa Basotho ho Thusetsa Ts'ebetsong ea LETSEMA LA BASOTHO FOUNDATION.

REA LEBOHA!🙏

03/01/2026

Tsebiso! Tsebiso!

Selemong Sena sa 2026 ngoliso ea lihlapiso bakeng sa litho tse ncha ha enaba teng.
Komiti e fihletse qeto le ho lumellana ka ho khefutsa lihlapisong selemong Sena, e le ho lokisa litaba tsa tsebetso ea mokhatlo.

Selemong sena sa 2025 mokhatlo u bile le bana ba mashome a ts'eletseng le metso e supileng(67) ba hlokang lihlapiso. Eab...
08/09/2025

Selemong sena sa 2025 mokhatlo u bile le bana ba mashome a ts'eletseng le metso e supileng(67) ba hlokang lihlapiso. Eaba mokhatlo u fumana lits'ehetso ho thusa bana ba mashome a ts'eletseng le metso e 'meli (62) ra etsa tsohle tse matleng a rona ho bona h**e bana ka hofela ba fumana thuso empa mosebetsi oa rona ha u so phethahale.

Mokhatlo u kopa Ts'ehetso ea lona Basotho ho thusetsa thutong ea bana ba sechaba.
Re hopole Basotho h**e mokhatlo u thusa bana ba Basotho ba tlokotsing, le batsoang malapeng a hlokang.
Boholo ke ba senang litokomane tse hlokahalang, ka mabaka a mangata a sitoang ho qobehang.

Babang re bafa monyetla oa ho tsoelapele ka lithuto leha ba sa pasa e le ho ba qobisa liqholotso tse ka ba oelang ha ba sa kene sekolo.

Bana bana ba hlokang ho thusoa batsoa likolong tse latelang:

Mapetla High School u mong

Mazenod High school u mong

Phuthiatsana High School ba bararo

Re fana ka "Banking details" tsa sekolo le mabitso a ngoana ea hlokang ho thusoa ho Mosotho ea batlang ho thusetsa.

Sepheo ke ho thusa Lesotho le Basotho ka ho phahamisa bacha

LETSEMA LA BASOTHO FOUNDATION  ke setho ka hara sehlopha se thusanang kholong le ts'ireletso ea bana le bacha eleng Dist...
11/08/2025

LETSEMA LA BASOTHO FOUNDATION ke setho ka hara sehlopha se thusanang kholong le ts'ireletso ea bana le bacha eleng District Child Protection Team (DCPT)

Re ile raba le thupelo ea matsatsi a mararo e neng e tsehelitsoe ke TRUST FOR AFRICA tlasa botataisi ba Lekala la Nts'etso pele ea sechaba ( ministry of social development) le balebeli ba bana hotsoa mahaeng a polokelo ea bana bane ba menngoe.

(Trauma informed care) ke ho ela hloko mafu a kelello a among bokamoso ba bana.
Ra rupelloa ka bohlokoa ba bana, tokelo tsa bona kholong ea bona, boleng ba bona ka hara lelapa ( joalo ka ho tseba h**e chelete ea lelapa ke bokae e bile e etsa mabaka afeng)

Empa haholoholo re rupetsoe ka khokahano e ts'epahalang lipakeng tsa bana le batsoali ho tloha ha ngoana a ntse a le ka ho 'me oa hae (secure attachment) eleng motheo u tsitsitseng haholo kholong ea bana ho fihlela e se ele batho ba baholo.
Bana ba joetsoe h**e ba bohlokoa, ba ea ratoa, ba batle, ba rorisoe ha ba etse hantle, hape ele ho theha boits'epo, boitsebo le khothalo kholong ea bona.

Empa ha hosena khokahano e tsitsitseng, bana ba hola ba utloile bohloko, (they are dissapoited) ba ipatlela tse bathabisang hosa tsotellehe h**e naa limpe ha kae. Ha ba tsoafe ho itlontlolla, ho etsa lintho tse mpe ho bona hase letho. Taba ea hose fumane khokahano e tsitsitseng ho batsoali e ba bakela mafu a kelello (trauma)

Ra rutoa ka ho ela hloko ha ngoana ase a ena le bothata bona ba trauma, le h**e u atemameleha joang. Mekhoa ea ho bua le ena h**e a phuthulohe a tsebe ho bua h**e a qetelle a fumane thuso eeo a e hlokang atsebe fole.

Sepheo e ntse e le ho thusa bana le bacha h**e ba be le bokamoso bo chabileng.

KETEKO EA LETSATSI LA LEFATS'E, KHAHLANONG LE TS'EBELISO EA LITHETHEFATSI LE TAISelemong letsatsi la 29 june lefats'e le...
16/07/2025

KETEKO EA LETSATSI LA LEFATS'E, KHAHLANONG LE TS'EBELISO EA LITHETHEFATSI LE TAI

Selemong letsatsi la 29 june lefats'e le elellisoa ka tsebeliso ea lithethefatsi le tai.

SAAPA (Southern African Alcohol Policy Allience) e ile ea tsoara 'moka, e le ho tsibisa, ho elellisa (horuta) sechaba se neng se le teng 'mokeng kotsi ea ho sebelisa tai le lithethefatsi le litlamorao tsa ts'ebeliso ea tsona.

Mekhatlo e ikemetseng ea bacha, le e theuoeng ke bacha e ile ea ba teng. Ke moo bacha ba ileng ba beha liqholotso tse ba susumelletsang ho kena lithethefatsing.

Ba bua ka menyetla e leqeme ho bacha Lesotho, ba bua ka kamohelo le katamelo ea malapa le sechaba litabeng tsa tai le lithethefatsi.

Ba ile ba fane ka malebela le likeletso ho re ba khone ho hlola kholumolumo ena joang.

Hone ho memiloe baemeli ba 'Muso hotsoa lekaleng la likhoebo, hotla khoba bacha motsoalo, le ho bafa ts'epo ka ho ba tsebisa ka menyetla e entsoeng le entseng e etsoa bakeng sa likhoebo le temo.

Mohlomi hospital e ne e na le boemeli, hotla ruta bacha ka litaba tsa mafu a kelello a bakoang ke ts'ebeliso ea tai le liththefatsi.

World Health organization (WHO) le eona e ilele ea beha litaba tsa eona ho thusetsa litabeng tsa ts'ebeliso ea lithethefatsi.

Address

Princess Margaret Road
Maseru

Opening Hours

Monday 08:00 - 16:00
Tuesday 08:00 - 16:00
Wednesday 08:00 - 16:00
Thursday 08:00 - 16:00
Friday 08:00 - 16:00
Saturday 09:00 - 14:00

Telephone

+26622315492

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Letsema La Basotho Foundation posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Organization

Send a message to Letsema La Basotho Foundation:

Share