11/03/2026
Tang-tang e ile ea khangoa ke lerole letsatsing la maobane moo re ileng ra keteka Molisana, Makhulo le Tlholeho ka kotloloho e ntse ele ho tsoellisa pele ketekelo ea Selemo Sa Makhulo le Balisana (International Year of Rangelands and Pastoralists - IYRP 2026).
Tlasa tataiso le botsebi ho tsoa Lekaleng La Tikoloho le Meru (Ministry of Environment and Forestry), boeta-pele ba sechaba (Morena le Mokhethoa oa puso ea libaka), ka kopanelo le mokhatlo oa Balisana Setibing, EarthCare Alliance e ts'ehelitsoe ka matla ke Vodacom Lesotho ho nts'etsa pele lets'olo la ho imolla lekhulo kaho fothola Sehala-hala se bupelitseng le hona ho homela lekhulo.
E bile bonyane litila-tile tsa makholo a mahlano a batho ho tsoa libakeng le mafapheng a fapaneng (Makaleng a 'Muso, boemeli ba ofisi tsa mekhatlo ea machaba, Sesole le Sepolesa sa Lesotho, mesebetsi le merero e meholo ea sechaba, likompone tse ikemetseng, boeta-pele ba sechaba, likolo, mekhatlo e ikemetseng, esita le sona sechaba se kenyeletsang balisana ele bona beng ba mokete) ba ileng ba matlafatsa le ho natefisa mokete ona.
Litaba tsena tsa ho baballa tikoloho le ho ntlafatsa makhulo, mekhoabo le boieane ba tlholeho, li ile tsa ananeloa haholo ke 'Musi oa Setereke sa Maseru mohlomphehi Ts'epo Lethobane ea ileng a phethela ka ho bonts'a melemo ea matlotlo le manoni a naha ena ha bohle re nka boikarabello ho a sireletsa.
Re lakatsa ho leboha bohle ba nkileng karolo ho atlehisa mokete ona empa ka kotloloho re leboha Vodacom Lesotho ka ts'ehetso esa thekeseleng kahare ho leeto lena.
Bohle re sireletseng leho baballa naha ena ea Morena Moshoeshoe!
HAPPY MOSHOESHOE'S DAY!!!
Ministry of Environment and Forestry